Diproverbia 2:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. ya furaletseng motswalle wa botjha ba hae, mme a lebetse selekane sa Modimo wa hae.

18. Ruri, ntlo ya hae e sekametse lefung, tsela tsa hae di isa bafung.

19. Ho ba yang ho yena, ha a yo ya kgutlang le ho boela a nka tsela ya bophelo.

20. Ka baka leo, tsamaya ka mehlala ya batho ba molemo, u tiisetse tseleng ya ba lokileng;

21. hobane ba lokileng ba tla aha lefatsheng; ba hlwekileng ba tla le rua.

22. Empa ba babe ba tla kgaolwa hodima lefatshe, ba lonya ba fotholwe ho lona.

Diproverbia 2