4. Ho rua ho hlahisa metswalle e mengata; empa mofutsana o ye a lahlwe le ke wa habo.
5. Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo, mme motho ya mano a ke ke a phonyoha.
6. Ba bangata ba qekisa motho e moholo, e mong le e mong ke motswalle wa motho ya fanang.
7. Mofutsana, banababo bohle ba mo hloya, thaka tsa hae di tla fetisa hakakang ka ho mo ila! Ere a sa bua, ba se ba mo hasanela.
8. Ya ithuetseng bohlale o rata moya wa hae, ya bolokang kelello o tla bona lehlohonolo.
9. Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo; ya bolelang mashano o tla timela.
10. Boiketlo ha bo lokele sethoto; ho tla ronana hakakang ha mofo a busa marena!
11. Maele a motho a mo etsa ya sebete; kganya ya hae ke ho mamella ho sitelwa ke ba bang.
12. Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.
13. Ngwana ya lehlaswa ke tlokotsi ho ntatae, empa mosadi wa dikomang ke metsi a sa kgaotseng ho rotha dintshing tsa ntlo.
14. Ntlo le leruo ke lefa la bontata motho, empa mosadi ya kelello ke mpho ya Jehova.
15. Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.