Diproverbia 19:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.

18. Laya ngwana hao ha tshepo e sa le teng; empa o se ke wa mo thoothellwa ho mmolaya.

19. Motho ya bohale o tla jara kotlo ya teng; ha o mo lopolla, o tla boela a sebe.

20. Mamela keletso, o amohele tayo, o tle o hlalefe isao.

21. Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.

22. Molemo wa motho o tsejwa ka seo a ratang ho se etsa, ke moo mofutsana a fetang morui ya lehata.

23. Ho tshaba Jehova ho isa bophelong; ya mo tshabang o tla kgora, a robale, a sa hlahelwe ke kotsi.

24. Sekgoba se kenya letsoho lefisong, empa se tswafa le ho le isa molomong.

25. Otla mosomi, mme sethoto se tla hlalefa; o laye motho ya kelello, o tla rua tsebo.

26. Ya tshwenyang ntatae, mme a lelekisa mmae, ke ngwana e mobe, ya hlabisang dihlong.

27. Mora wa ka, lesa ho mamela dikgothatso, haele moo o ntse o kgeloha ditaba tsa bohlale.

28. Paki ya bolotsana e nyedisa ho loka; molomo wa baetsadibe o kwenya bokgopo.

29. Dikotlo di beetswe basomi, dithupa di boloketswe mekokotlo ya mawatla.

Diproverbia 19