Diproverbia 19:15-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.

16. Ya bolokang molao o boloka moya wa hae, empa ya sa hlokomeleng tsela ya hae o tla timela.

17. Ya hauhelang mofumanehi o adimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.

18. Laya ngwana hao ha tshepo e sa le teng; empa o se ke wa mo thoothellwa ho mmolaya.

19. Motho ya bohale o tla jara kotlo ya teng; ha o mo lopolla, o tla boela a sebe.

20. Mamela keletso, o amohele tayo, o tle o hlalefe isao.

21. Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.

Diproverbia 19