Diproverbia 19:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mofutsana ya tsamayang ka toka ya hae o fetisa ya kgopo mekgweng ya hae.

2. Tjheseho e se nang tsebo ha e thuse letho, mme ya potlakisang maoto a hae o a lahleha.

3. Bowatla ba motho bo mo kgelosa tsela, eba pelo ya hae e hlonamela Jehova!

4. Ho rua ho hlahisa metswalle e mengata; empa mofutsana o ye a lahlwe le ke wa habo.

5. Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo, mme motho ya mano a ke ke a phonyoha.

6. Ba bangata ba qekisa motho e moholo, e mong le e mong ke motswalle wa motho ya fanang.

7. Mofutsana, banababo bohle ba mo hloya, thaka tsa hae di tla fetisa hakakang ka ho mo ila! Ere a sa bua, ba se ba mo hasanela.

8. Ya ithuetseng bohlale o rata moya wa hae, ya bolokang kelello o tla bona lehlohonolo.

9. Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo; ya bolelang mashano o tla timela.

10. Boiketlo ha bo lokele sethoto; ho tla ronana hakakang ha mofo a busa marena!

11. Maele a motho a mo etsa ya sebete; kganya ya hae ke ho mamella ho sitelwa ke ba bang.

12. Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.

13. Ngwana ya lehlaswa ke tlokotsi ho ntatae, empa mosadi wa dikomang ke metsi a sa kgaotseng ho rotha dintshing tsa ntlo.

Diproverbia 19