9. Ya tshwarang mosebetsi wa hae ka monyebe, ke ngwanabo lehlaswa.
10. Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.
11. Leruo la morui ho yena ke qhobosheane, mahlong a hae ke lerako la setshabelo.
12. Tshenyeho ha e tla hlaha, pelo ya motho e ye e ikgohomose, empa boikokobetso bo etella hlompho pele.
13. Ya arabang a eso ho utlwe, o bontsha bothoto ba hae, o ipakela dihlong.
14. Pelo e jarisa motho ho baba ha hae; empa pelo e robehileng e ka tsoswa ke mang?
15. Pelo ya motho ya nang le kelello e rua tsebo, tsebe tsa ba bohlale di sela yona.
16. Mpho ya motho e mo etsetsa sebaka, e mo atametsa pela ba baholo.
17. Ya buang pele ha ho tsekwa, taba tsa hae di lokile, empa e mong ha a hlaha, o a mo tsietsa.
18. Lotho e fedisa dikgang, e arola le tsa ba baholo.
19. Ngwanabo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse o qhobosheane; diphapang tsa bona di ba jwaloka mekwallo e kwallang matlo a borena.
20. Mpa ya motho e kgora ditholwana tsa leleme la hae, motho o kgodiswa ke tse hlahiswang ke molomo wa hae.