3. Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.
4. Motho e mobe o theeletsa melomo e kgopo tsebe; leleme le sebang le mamelwa ke ya leshano.
5. Ya tshehang mofutsana o soma Ya mmopileng, ya tlakang ditlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.
6. Ditloholo ke moqhaka wa maqheku, mme kganya ya bana ke batswadi ba bona.
7. Dipuo tsa maele ha di roneha ho motho ya mabela, tse mano tsona di roneha hakakang ho ba baholo!
8. Mpho ke lehakwe la bohlokwa ho ya e newang; hohle moo e kenang, e a hlola.
9. Ya apesang molato o batla lerato; empa ya phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.
10. Motho ya kelello o utlwa kgalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuwa ha lekgolo.
11. Ya lonya o pheheletse boikgantsho feela, empa o tla romelwa lenqosa le lonya.
12. Ho molemo ho kgahlana le tau e nketsweng bana, ho fetisa ho kgahlana le lehlanya bohlanyeng ba lona.
13. Ya busetsang botle ka bobe, bosoto bo ke ke ba tloha tlung ya hae.
14. Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.
15. Ya hlatswang motho ya melato, le ya tswang motho ya se nang molato, ba babedi ba manyala ho Jehova.