Diproverbia 17:19-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ya ratang komang o rata tshenyeho; ya hodisang monyako wa hae o batla dithako.

20. Ya pelo e kgopo a ke ke a fumana lehlohonolo, mme ya leleme le kgopameng o tla wela bobeng.

21. Ya tswalang lehlanya o rua maswabi; ntata lehlaswa a ke ke a thaba ka lona.

22. Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moya o hlomohileng o omeletsa masapo.

23. E mobe o amohela mpho e patilweng dikobong, ho sokamisa tsela ya ho loka.

24. Ya kelello o qamakisisa bohlale pela hae, empa mahlo a lehlanya a tjhalakela pheletsong tsa lefatshe.

25. Ngwana ya se nang taba o tena ntatae, mme o babisa ya mmelehileng.

26. Ho lefisa motho ya se nang molato, ha ho a loka, leha e le ho otla ba baholo ka baka la ho loka ha bona.

Diproverbia 17