16. Tsa ho reka letsohong la sethoto di sebetsang na? Na ke ho reka bohlale na? Empa se hloka pelo.
17. Motswalle wa motho o mo rata kamehla; e ba ngwanabo tlokotsing ya hae.
18. Ya se nang kelello ke ya phathatsanang le e mong ka letsoho; o itlama ka molato wa wa habo.
19. Ya ratang komang o rata tshenyeho; ya hodisang monyako wa hae o batla dithako.
20. Ya pelo e kgopo a ke ke a fumana lehlohonolo, mme ya leleme le kgopameng o tla wela bobeng.
21. Ya tswalang lehlanya o rua maswabi; ntata lehlaswa a ke ke a thaba ka lona.
22. Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moya o hlomohileng o omeletsa masapo.
23. E mobe o amohela mpho e patilweng dikobong, ho sokamisa tsela ya ho loka.
24. Ya kelello o qamakisisa bohlale pela hae, empa mahlo a lehlanya a tjhalakela pheletsong tsa lefatshe.
25. Ngwana ya se nang taba o tena ntatae, mme o babisa ya mmelehileng.
26. Ho lefisa motho ya se nang molato, ha ho a loka, leha e le ho otla ba baholo ka baka la ho loka ha bona.
27. Ya itshwarang dipuong o tseba hlalefo, mme ya pelo e ikgutseditseng o na le kutlwisiso.
28. Esita le lehlanya ha le kgutsa, le ka bitswa ya bohlale; ya itomang melomo ke motho ya kelello.