1. Ho monate ho ja phate feela moo kgotso e leng teng, ho ena le ho dula tlung e tletseng dinama, moo dikomang di leng teng.
2. Mohlanka ya bohlale o tla busa mora e mobe wa monga hae, a je lefa hammoho le bara ba monga hae.
3. Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.
4. Motho e mobe o theeletsa melomo e kgopo tsebe; leleme le sebang le mamelwa ke ya leshano.
5. Ya tshehang mofutsana o soma Ya mmopileng, ya tlakang ditlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.
6. Ditloholo ke moqhaka wa maqheku, mme kganya ya bana ke batswadi ba bona.
7. Dipuo tsa maele ha di roneha ho motho ya mabela, tse mano tsona di roneha hakakang ho ba baholo!
8. Mpho ke lehakwe la bohlokwa ho ya e newang; hohle moo e kenang, e a hlola.
9. Ya apesang molato o batla lerato; empa ya phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.