Diproverbia 17:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho monate ho ja phate feela moo kgotso e leng teng, ho ena le ho dula tlung e tletseng dinama, moo dikomang di leng teng.

2. Mohlanka ya bohlale o tla busa mora e mobe wa monga hae, a je lefa hammoho le bara ba monga hae.

3. Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.

Diproverbia 17