9. Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.
10. Molomo wa morena o bolela ditaba tsa nnete, ha a ahlola a ke ke a fosa.
11. Ditekanyo le sekala se lokileng ke tsa Jehova, tsohle tse lekanyang tse mokotleng ke mosebetsi wa hae.
12. Ho marena ho etsa ho sa lokang ho manyala, hobane setulo sa borena se tiiswa ke ho loka.
13. Marena a kgahliswa ke melomo e metle, a rata ba buang ka ho loka.
14. Kgalefo ya morena e jwaloka lenqosa la lefu, empa motho ya bohlale o tla e thoba.
15. Ho ela ha sefahleho sa morena ke bophelo, lerato la hae ke leru le nesang pula ya hwetla.
16. Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!
17. Mmila wa ba lokileng ke ho nena bobe, ya elang metsamao ya hae hloko o boloka moya wa hae.
18. Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.
19. Ho kokobetswa le ba banyenyane ho molemo ho ena le ho ja kgapo le baikgohomosi.
20. Ya hloko ditabeng o tla bona molemo, ho lehlohonolo ya tshepang Jehova.
21. Ya pelo e hlalefileng o bitswa ya maele, mme molomo wa hae o monate o atisa tsebo.
22. Masene ke sediba sa bophelo ho ba a ruileng, empa kotlo ya dithoto ke bowatla.