Diproverbia 16:10-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Molomo wa morena o bolela ditaba tsa nnete, ha a ahlola a ke ke a fosa.

11. Ditekanyo le sekala se lokileng ke tsa Jehova, tsohle tse lekanyang tse mokotleng ke mosebetsi wa hae.

12. Ho marena ho etsa ho sa lokang ho manyala, hobane setulo sa borena se tiiswa ke ho loka.

13. Marena a kgahliswa ke melomo e metle, a rata ba buang ka ho loka.

14. Kgalefo ya morena e jwaloka lenqosa la lefu, empa motho ya bohlale o tla e thoba.

Diproverbia 16