24. Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.
25. Paki ya nnete e namolela bophelo ba batho; haele ya bohata, e fefetha mashano feela.
26. Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.
27. Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu.
28. Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.
29. Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.
30. Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.
31. Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.
32. Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.
33. Bohlale bo ikahetse ka pelong ya motho ya masene; empa bohare ba mawatla bo a itshenola.
34. Ho loka ho hodisa setjhaba; empa bokgopo bo se apesa ka nyediso.
35. Mohlanka ya hlalefileng o kgahleha ho morena, empa eo o halefela ya hlabisang dihlong.