Diproverbia 14:22-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.

23. Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.

24. Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.

25. Paki ya nnete e namolela bophelo ba batho; haele ya bohata, e fefetha mashano feela.

26. Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.

27. Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu.

28. Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.

29. Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.

30. Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.

31. Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.

Diproverbia 14