19. E mobe o inama pela motho ya molemo, le ba lonya pela monyako wa ba lokileng.
20. Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.
21. Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.
22. Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.
23. Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.
24. Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla.
25. Paki ya nnete e namolela bophelo ba batho; haele ya bohata, e fefetha mashano feela.
26. Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.
27. Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu.
28. Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.
29. Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.