13. Motho leha a tsheha, pelo ya hae e ntse e hlomohile, mme qetello ya thabo ke maswabi.
14. Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.
15. Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.
16. Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.
17. Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa.
18. Lefa la dithoto ke bowatla; empa ba masene ba tla rwala moqhaka wa tsebo.
19. E mobe o inama pela motho ya molemo, le ba lonya pela monyako wa ba lokileng.
20. Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.
21. Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.
22. Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.
23. Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.