Diproverbia 14:1-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae.

2. Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa.

3. Molomong wa lewatla, ho na le thupa e otlang boikgohomoso ba lona; empa ba bohlale ba bolokwa ke melomo ya bona.

4. Moo kgomo di leng siyo, mediko e hloka dijo; empa matla a dipholo a ekeletsa leruo.

5. Paki e tshepehang e ke ke ya bolela leshano; empa paki e mano e fefetha mashano feela.

6. Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene.

7. Hlobohana le lewatla, ha o le bona; hobane ha le na molomo o nang le tsebo.

8. Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.

9. Mawatla a swaswa ka sebe, empa ba lokileng ba thabelana.

10. Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.

11. Ntlo ya e mobe e tla ripitlwa; empa motlotlwane wa ba lokileng o tla tiya.

12. Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.

13. Motho leha a tsheha, pelo ya hae e ntse e hlomohile, mme qetello ya thabo ke maswabi.

14. Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.

15. Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.

16. Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.

17. Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa.

18. Lefa la dithoto ke bowatla; empa ba masene ba tla rwala moqhaka wa tsebo.

19. E mobe o inama pela motho ya molemo, le ba lonya pela monyako wa ba lokileng.

20. Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.

Diproverbia 14