6. Mantswe a ba babe ke mamena a ho tsholla madi; haele molomo wa ba lokileng, o a ba pholosa.
7. Ba babe ba dihuwa, eba ba se ba le siyo; empa ntlo ya motho ya lokileng e ya nne e eme.
8. Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.
9. Ya nyediswang, a mpang a itshebeletsa, o fetisa ya ikakasang a se na bohobe.
10. Motho ya lokileng o baballa ho phela ha kgomo ya hae, empa mehauhelo ya e mobe e bohloko.
11. Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.
12. Takatso ya e mobe e tla mo isa sefing sa ba bolotsana; empa motso wa ya lokileng o bea ditholwana.
13. E mobe o tshwaswa ke molato wa melomo ya hae, empa ya lokileng o tla tswa tsietsing.