22. Melomo e mano ke manyala ho Jehova; empa ba bolelang nnete ba mo kgahlisa.
23. Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.
24. Letsoho la motho ya mahlahahlaha le tla busa; empa ya botswa e tla ba mohlanka wa ba bang.
25. Maswabi a fifatsa pelo ya motho; empa puo e molemo e a e thabisa.
26. Ya lokileng ke motsamaisi wa bahabo; empa tsela ya ba babe e a ba lahla.
27. Sekgoba se tswafa le ho phallela phoofolo ya sona; empa ntho tse molemo di ruwa ke batho ba kgothetseng.
28. Tseleng ya ho loka bophelo bo teng, mme mmileng wa hona ho na le ho se shwe.