15. Tsela ya lewatla e lokile mahlong a lona; empa ya amohelang keletso o bohlale.
16. Ya lewatla o hlahisa bohale ba hae feela; empa ya masene o pata tshito ya ya mo sitetsweng.
17. Motho ya lokileng o bolela nnete, o hlahisa yona; empa paki e leshano e bolela bohata.
18. E mong ha a bebera, puo tsa hae di hlaba jwaloka tsenene, empa molomo wa ya bohlale o a thoba.
19. Molomo wa nnete o tla tiya ka ho sa feleng; empa leleme le bohata ke la motsotso o kang ha ke panya.
20. Ba rerang bobe, lonya le ka pelong tsa bona; empa ba rerang kgotso ke bona ba thabelang batho.
21. Ya lokileng a ke ke a tlelwa ke tsietsi; empa ba babe ba tla atelwa ke mahlomola.
22. Melomo e mano ke manyala ho Jehova; empa ba bolelang nnete ba mo kgahlisa.
23. Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.
24. Letsoho la motho ya mahlahahlaha le tla busa; empa ya botswa e tla ba mohlanka wa ba bang.
25. Maswabi a fifatsa pelo ya motho; empa puo e molemo e a e thabisa.