Diproverbia 12:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ya ratang tayo o rata tsebo; haele ya hloileng kgalemelo, ke sethoto.

2. Motho ya molemo o tla fumana mohau ho Jehova, empa o tla tswa ya merero e mebe.

3. Motho a ke ke a tiiswa ke bobe; haele motso wa ya lokileng, o ke ke wa ba wa sisinyeha.

4. Mosadi ya kgabane ke moqhaka ho monna wa hae; empa ya hlabisang dihlong o jwaloka ho bola masapong a hae.

5. Mehopolo ya ba lokileng e lokile, empa merero ya ba babe ke e thetsang.

6. Mantswe a ba babe ke mamena a ho tsholla madi; haele molomo wa ba lokileng, o a ba pholosa.

7. Ba babe ba dihuwa, eba ba se ba le siyo; empa ntlo ya motho ya lokileng e ya nne e eme.

8. Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.

9. Ya nyediswang, a mpang a itshebeletsa, o fetisa ya ikakasang a se na bohobe.

10. Motho ya lokileng o baballa ho phela ha kgomo ya hae, empa mehauhelo ya e mobe e bohloko.

11. Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.

12. Takatso ya e mobe e tla mo isa sefing sa ba bolotsana; empa motso wa ya lokileng o bea ditholwana.

Diproverbia 12