Diproverbia 11:28-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.

29. Ya ferekanyang ntlo ya hae, lefa la hae e tla ba moya feela; lewatla e tla ba mofo wa motho ya pelo e hlalefileng.

30. Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho.

31. Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!

Diproverbia 11