Diproverbia 11:21-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa.

22. Mosadi ya sefahleho se setle, empa a hloka kelello, ke lesale la kgauta nkong tsa kolobe.

23. Seo motho ya lokileng a se dumang ke botle ruri; empa seo ba babe ba ka se tshepang ke kgalefo feela.

24. E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.

Diproverbia 11