Diproverbia 11:15-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ya itlamellang ka molato wa e mong o tla tsieleha; empa ya hloileng ba phathatsanang letsoho, yena o iketlile.

16. Mosadi ya molemo o ithuela hlompho; batho ba matla ba ipatlela menono.

17. Motho ya molemo o etsetsa moya wa hae molemo; empa ya lonya o itshenya mmele.

18. E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.

19. Ho loka ha sebele ho isa bophelong; haele ya latelang bobe, yena o mathela lefung.

20. Ba pelo di kgopo ke manyala ho Jehova; empa ba metsamao e bokgabane, o kgahlwa ke bona.

21. Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa.

22. Mosadi ya sefahleho se setle, empa a hloka kelello, ke lesale la kgauta nkong tsa kolobe.

23. Seo motho ya lokileng a se dumang ke botle ruri; empa seo ba babe ba ka se tshepang ke kgalefo feela.

24. E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.

25. Ya tsebang ho fana o tla nona; ya nosetsang o tla nosetswa le yena.

26. Ya hanang le mabele a hae, o tla rohakwa ke batho; empa ya dumelang ho rekisa ka wona, o na le hlohonolofatso hloohong ya hae.

27. Ya qophellang botle o tla fumana mohau, empa ya batlang bobe, bobe bo tla mo tshwara.

28. Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.

29. Ya ferekanyang ntlo ya hae, lefa la hae e tla ba moya feela; lewatla e tla ba mofo wa motho ya pelo e hlalefileng.

30. Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho.

31. Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!

Diproverbia 11