1. Sekala sa bohata se hloilwe ke Jehova, empa tekanyo ya nnete e a mo kgahlisa.
2. Ha ho hlaha boikgohomoso, eba dihlong di a hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.
3. Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.
4. Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.
5. Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae.
6. Ho loka ha batho ba kgabane ho tla ba pholosa, empa e mobe bokgopo ba hae bo tla mo tshwasa.
7. Mohla ho shwang e mobe, tshepo ya hae e a timela, le yona tebello ya ya sa lokang e a fela.
8. Ya lokileng o lwelwa tsietsing, empa bakeng sa hae ho wela ya sa lokang.
9. Ka molomo wa hae monyefodi o bolaya ba habo, empa ba lokileng ba bolokwa ke tsebo.
10. Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.
11. Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe.
12. Ya nyedisang wa habo ha a na kelello; empa ya nang le kutlwisiso o a kgutsa.
13. Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba.
14. Setjhaba se dihuwa ke ho hloka dikeletso; poloko e teng ha baeletsi ba le bangata.
15. Ya itlamellang ka molato wa e mong o tla tsieleha; empa ya hloileng ba phathatsanang letsoho, yena o iketlile.
16. Mosadi ya molemo o ithuela hlompho; batho ba matla ba ipatlela menono.
17. Motho ya molemo o etsetsa moya wa hae molemo; empa ya lonya o itshenya mmele.