1. Diproverbia tsa Salomone.Ngwana ya hlalefileng ke thabiso ho ntatae; empa ngwana ya lewatla ke mapalesapelo ho mmae.
2. Maruo o fumanwang ka bokgopo ha a na moeno; empa ho loka ho qobisa lefu.
3. Jehova a ke ke a tlohella motho ya lokileng tlala; empa tse labalabelwang ke e mobe, o mo hlakola tsona.
4. Ya letsoho le botswa o tla fumaneha, empa letsoho la sekgothadi le tla se ruisa.
5. Ya bokellang lehlabula ke ngwana ya bohlale; empa ya robalang ha ho kotulwa, ke ngwana ya hlabisang dihlong.