9. hobane e tla ba meqhaka e o kgabisang hlooho, le letjekwana le bohehang molaleng wa hao.
10. Mora ka, ekare ha baetsadibe ba rata ho o hoka, o se ke wa ba wa dumela.
11. Ha ba re: Tloo le rona, re yo lalla ho tsholla madi, re tjhehe ba se nang molato, re ba bolaye feela;
12. re ba metse jwaloka nqalo ya bafu, ba sa utlwa; kaofela ha bona ba be jwaloka bao ba hohlomelang mokoting;
13. ke moo re tla fumana matlotlo a bohlokwa, re tlatse matlo a rona ka thepa e hapilweng;
14. o ikopanye le rona, mme re tla teanela ditjhelete mokotleng o le mong.
15. Mora ka, o se ke wa ya ka tsela ya bona, o fapose leoto la hao mmileng wa bona.
16. Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletswe ho tsholla madi.
17. Ruri, leraba le tjhehelwa lefeela pela mahlo a dinonyana;
18. athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona.
19. Ke yona taba ya bohle ba ineelang leruo, hobane le ja bophelo ba monga lona.
20. Bohlale bo meketsa kantle, bo tlerola ka lentswe le leholo mapatlelong;
21. bo howa mabaleng a marata, pela menyako ya motse; bo tumisa ditaba tsa bona hara motse,
22. bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?
23. Bakang ka kgalemelo ya ka, mme bonang, ke tla le tshollela moya wa ka, ke le rute ditaba tsa me.
24. Erekaha ke hoile, mme le hanne ho utlwa, ka ba ka otlolla le letsoho la ka, ho se motho ya kileng a lemoha;
25. erekaha le bile la nyedisa keletso ya ka, le sa ka la sekehela kgalemelo ya ka tsebe;
26. le nna ke tla tsheha ditsietsi tsa lona, ke some mohla le hlahelwang ke matsoso,
27. mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;
28. mohlang oo, ba tla bitsa ho nna, empa ha nka ke ka araba; ba tla mpatla e sa le kameso, empa ba ke ke ba mphumana.