Diproverbia 1:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.

8. Mora wa ka, mamela thuto ya ntatao, o se ke wa furalla tayo ya mmao;

9. hobane e tla ba meqhaka e o kgabisang hlooho, le letjekwana le bohehang molaleng wa hao.

10. Mora ka, ekare ha baetsadibe ba rata ho o hoka, o se ke wa ba wa dumela.

11. Ha ba re: Tloo le rona, re yo lalla ho tsholla madi, re tjhehe ba se nang molato, re ba bolaye feela;

12. re ba metse jwaloka nqalo ya bafu, ba sa utlwa; kaofela ha bona ba be jwaloka bao ba hohlomelang mokoting;

13. ke moo re tla fumana matlotlo a bohlokwa, re tlatse matlo a rona ka thepa e hapilweng;

14. o ikopanye le rona, mme re tla teanela ditjhelete mokotleng o le mong.

15. Mora ka, o se ke wa ya ka tsela ya bona, o fapose leoto la hao mmileng wa bona.

16. Hobane maoto a bona a mathela bobeng, ba thootheletswe ho tsholla madi.

Diproverbia 1