Diproverbia 1:28-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. mohlang oo, ba tla bitsa ho nna, empa ha nka ke ka araba; ba tla mpatla e sa le kameso, empa ba ke ke ba mphumana.

29. Kahobane ba hloile tsebo, ba sa ka ba ikgethela ho tshaba Jehova;

30. ba hanne keletso ya ka, ba nyedisitse kgalemelo tsohle tsa ka;

31. jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.

Diproverbia 1