Diproverbia 1:26-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. le nna ke tla tsheha ditsietsi tsa lona, ke some mohla le hlahelwang ke matsoso,

27. mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;

28. mohlang oo, ba tla bitsa ho nna, empa ha nka ke ka araba; ba tla mpatla e sa le kameso, empa ba ke ke ba mphumana.

29. Kahobane ba hloile tsebo, ba sa ka ba ikgethela ho tshaba Jehova;

30. ba hanne keletso ya ka, ba nyedisitse kgalemelo tsohle tsa ka;

31. jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.

32. Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.

33. Empa haele ya nkutlwang, yena o tla ikahela ka kgotso, a se na ho tsoha kotsi.

Diproverbia 1