Diproverbia 1:21-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. bo howa mabaleng a marata, pela menyako ya motse; bo tumisa ditaba tsa bona hara motse,

22. bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?

23. Bakang ka kgalemelo ya ka, mme bonang, ke tla le tshollela moya wa ka, ke le rute ditaba tsa me.

24. Erekaha ke hoile, mme le hanne ho utlwa, ka ba ka otlolla le letsoho la ka, ho se motho ya kileng a lemoha;

25. erekaha le bile la nyedisa keletso ya ka, le sa ka la sekehela kgalemelo ya ka tsebe;

26. le nna ke tla tsheha ditsietsi tsa lona, ke some mohla le hlahelwang ke matsoso,

27. mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;

28. mohlang oo, ba tla bitsa ho nna, empa ha nka ke ka araba; ba tla mpatla e sa le kameso, empa ba ke ke ba mphumana.

29. Kahobane ba hloile tsebo, ba sa ka ba ikgethela ho tshaba Jehova;

30. ba hanne keletso ya ka, ba nyedisitse kgalemelo tsohle tsa ka;

31. jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.

32. Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.

Diproverbia 1