Diproverbia 1:17-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ruri, leraba le tjhehelwa lefeela pela mahlo a dinonyana;

18. athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona.

19. Ke yona taba ya bohle ba ineelang leruo, hobane le ja bophelo ba monga lona.

20. Bohlale bo meketsa kantle, bo tlerola ka lentswe le leholo mapatlelong;

21. bo howa mabaleng a marata, pela menyako ya motse; bo tumisa ditaba tsa bona hara motse,

Diproverbia 1