Diproverbia 1:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Dipuo tsa Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele,

2. tsa ho ruta bohlale le tayo, ho hlahlisa dipuo tse maele,

3. ho ratisa thuto ya kelello, ya ho loka, ya kutlwisiso, ya toka;

4. ho hlalefisa sethoto, ho nea mohlankana tsebo le kelello.

5. Ya bohlale a utlwe, mme o tla eketsa tsebo; ya hlalefileng le yena o tla ithuela masene,

6. hore a utlwisise maele le dipuo tse tebileng, le ditaba tsa ba bohlale, le thuto tsa bona tse patilweng.

7. Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.

Diproverbia 1