1. Modimo wa diphetetso, Jehova, Modimo wa diphetetso, hlaha ka kganya.
2. Ema, moahlodi wa lefatshe, o neele baikgohomosi moputso!
3. Jehova, ho tla nyakallwa ke bakgopo ho le hokae, Jehova, ho tla thajwa ke bona ho isa kae?
4. Ba bua tsa boikgohomoso, ba ithorisa, e le bohle ba etsang bolotsana.
5. Jehova, ba hatakela setjhaba sa hao, ba hlorisa lefa la hao;
6. ba bolaya mohlolohadi le moditjhaba; ba timetsa dikgutsana;
7. ba ntoo re: Jehova ha a bone; Modimo wa Jakobo ha o lemohe!
8. Lemohang, lona ba fetisang ka botla mpa hara batho! Lona mahlanya, le tla hlalefa neng?
9. Ya hlomileng tsebe, na a ke ke a utlwa na?
10. Ya bopileng leihlo, na a ke ke a bona na? Ya layang ditjhaba, na a ke ke a kgalemela, haele moo e le ya rutang batho bohlale na?
11. Jehova o tseba mehopolo ya batho hoba ke lefeelafeela.
12. Jehova, ho lehlohonolo motho eo o mo layang, eo o mo rutang ka molao wa hao,
13. o tle o mmatlele kgotso ha matsatsi a mabe a hlaha; ho fihlela ha lemena le tjhekelwa e mobe!
14. Hobane Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae;
15. hobane kahlolo e tla kgutlela ho lokeng, mme bohle ba pelo tse lokileng ba tla ya ka hona.
16. Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?