Dipesaleme 9:14-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!

15. Baditjhaba ba tebela lemeneng leo ba itjheketseng lona; maoto a bona a tshwaswa lerabeng leo ba le patileng.

16. Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)

17. Bakgopo ba leba nqalong ya bafu, ho jwalo le ditjhaba kaofela tse lebetseng Modimo.

18. Hobane mofutsana a ke ke a lebalwa kamehla, mme tshepo ya ba madimabe e ke ke ya timela ka ho sa yena kae.

19. Tsoha, Jehova, hore motho a se ke a ipha matla, ditjhaba di tle di ahlolwe pela hao.

20. Jehova, sohlometsa botshabeho ba hao hara tsona, ditjhaba di tle di utlwe hoba ke batho feela! (Sela.)

Dipesaleme 9