Dipesaleme 89:5-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Jehova, mahodimo a tumisa mehlolo ya hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.

6. Hobane, phahameng ya mahodimo, ke mang ya ka itekantshang le Jehova? Ke mang ya tshwanang le Jehova hara bara ba Modimo?

7. Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.

8. Jehova, Modimo wa makgotla, ke mang ya matla jwaloka wena, Jehova? O teetswe hare ke botshepehi ba hao.

9. O laola boikgantsho ba lewatle: ha le emisa maqhubu a lona, wena o a a kokobetsa.

10. O thumakantse Egepeta jwaloka motho ya bolailweng, o hasantse dira tsa hao ka letsoho la hao le matla.

11. Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; o theile lefatshe le tsohle tsa lona.

12. O bopile leboya le borwa; Thabore le Hermone di rorisa lebitso la hao.

13. Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.

14. Ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hao, mohau le nnete di tsamaya pela sefahleho sa hao.

15. Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,

16. se ithabisa kamehla ka lebitso la hao, se ithorisa ka ho loka ha hao.

17. Hobane o kganya ya sona le matla a sona, mme lenaka la rona le phahamiswa ke ho rata ha hao.

18. Hobane thebe ya rona ke Jehova, morena wa rona ke Mohalaledi wa Iseraele.

19. Mohlang oo, o kile wa bua ka pono ho bakgethwa ba hao, wa re: Ke thusitse mohale, ke phahamisitse eo ke mo kgethileng hara setjhaba;

20. ke bone Davida, mohlanka wa ka, ke mo tlotsitse ka ole ya ka ya kgalalelo.

21. Seatla sa ka se tla mo ahisa, letsoho la ka le mo tiise.

Dipesaleme 89