Dipesaleme 89:47-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

47. Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!

48. Motho ke mang ya phelang, mme a sa tlo ka a bona ho shwa? Ke mang ya ka lopollang moya wa hae matleng a nqalo ya bafu? (Sela.)

49. Morena, e kae mehauhelo ya hao ya pele, eo, botshepehing ba hao, o e baletseng Davida ka kano?

50. Morena, hopola dihlong tsa bahlanka ba hao; o elellwe kamoo pelong ya ka ke jereng nyatso ya ditjhaba tse ngata kateng;

51. o elellwe le ditshomo tsa dira tsa hao, Jehova, e leng ditshomo tse somang mehato ya motlotsuwa wa hao!

52. Ho roriswe Jehova ka ho sa feleng! Amen, e, amen.

Dipesaleme 89