Dipesaleme 89:46-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

46. Jehova, o tla nne o ipate ho isa kae? Kgalefo ya hao e tla tuka jwaloka mollo ho isa neneng?

47. Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!

48. Motho ke mang ya phelang, mme a sa tlo ka a bona ho shwa? Ke mang ya ka lopollang moya wa hae matleng a nqalo ya bafu? (Sela.)

49. Morena, e kae mehauhelo ya hao ya pele, eo, botshepehing ba hao, o e baletseng Davida ka kano?

Dipesaleme 89