Dipesaleme 89:30-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Ekare ha bara ba hae ba tlohela molao wa ka, ba sa ye ka ditaelo tsa ka,

31. ha ba tlola dikeletso tsa ka, ba sa boloke ditaelo tsa ka,

32. ke tla otla ditlolo tsa bona ka thupa, le bokgopo ba bona ka phafa;

33. empa nke ke ka ba amoha mohau wa ka, mme nke ke ka etsa botshepehi ba ka leshano;

34. nke ke ka senya selekane sa ka, mme nke ke ka fetola lentswe le tswileng molomong wa ka.

35. Ke hlapantse ho hong kgalalelong ya ka, ka re: Nke ke ka iketsa ya leshano ho Davida!

36. Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;

37. e tla tiya ka ho sa yeng kae jwaloka kgwedi. Paki e mahodimong e a tshepeha. (Sela.)

38. Leha ho le jwalo, o lelekile motlotsuwa wa hao, o mo lahlile, o mo halefetse;

39. o nyedisitse selekane seo o neng o se entse le mohlanka wa hao, o silafaditse moqhaka wa hae ka ho o lahlela fatshe.

40. O heleditse marako a hae kaofela, o rapaladitse diqhobosheane tsa hae.

41. Bafeti kaofela ba mo senyetsa, o entswe sekgobo sa ba mathoko.

42. O phahamisitse letsoho le letona la batubi ba hae, o thabisitse dira tsa hae kaofela;

43. o thithibantse bohale ba lerumo la hae, mme ha o a ka wa mo tiisa ntweng.

44. O fedisitse kganya ya hae, o rapaladitse terone ya hae fatshe;

45. o kgutshofaditse matsatsi a botjha ba hae, wa mo kgurumetsa ka dihlong. (Sela.)

46. Jehova, o tla nne o ipate ho isa kae? Kgalefo ya hao e tla tuka jwaloka mollo ho isa neneng?

47. Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!

Dipesaleme 89