8. O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.
9. Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.
10. Na o tla etsetsa bafu mehlolo? Na ba shweleng ba tla tsoha ho tla o rorisa na? (Sela.)
11. Hleka mohau wa hao o ya bolelwa lebitleng, le nnete ya hao moahong wa lefu na?
12. Kapa mehlolo ya hao a e tla lemohuwa lefifing, le ho loka ha hao fatsheng la tebalo na?
13. Ke howeletsa ho wena ke hona, Jehova, mme thapelo ya ka e hlaha pela hao e sa le kameso.
14. Jehova, o lahlelang moya wa ka? O mpatela sefahleho sa hao keng?
15. Ke madimabe, ke ntse ke eshwa esale le botjheng ba ka, ke tshoswa ke matshabeho a hao, mme ke tsielehile.
16. Kgalefo ya hao e tukang e nkwetse hodimo; ke fediswa ke matsoso a hao;
17. a nkopetse jwaloka metsi ka letsatsi le leng le le leng, a kopane hammoho ho ntika kahohle.
18. O suthiseditse hole le nna metswalle ya ka le dithaka tsa ka; tseo ke tsebanang le tsona ke nqalo tsa lefifi.