Dipesaleme 88:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.

9. Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.

10. Na o tla etsetsa bafu mehlolo? Na ba shweleng ba tla tsoha ho tla o rorisa na? (Sela.)

11. Hleka mohau wa hao o ya bolelwa lebitleng, le nnete ya hao moahong wa lefu na?

12. Kapa mehlolo ya hao a e tla lemohuwa lefifing, le ho loka ha hao fatsheng la tebalo na?

13. Ke howeletsa ho wena ke hona, Jehova, mme thapelo ya ka e hlaha pela hao e sa le kameso.

14. Jehova, o lahlelang moya wa ka? O mpatela sefahleho sa hao keng?

15. Ke madimabe, ke ntse ke eshwa esale le botjheng ba ka, ke tshoswa ke matshabeho a hao, mme ke tsielehile.

Dipesaleme 88