Dipesaleme 88:7-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu a hao kaofela a nkgateletse. (Sela.)

8. O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.

9. Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.

10. Na o tla etsetsa bafu mehlolo? Na ba shweleng ba tla tsoha ho tla o rorisa na? (Sela.)

Dipesaleme 88