Dipesaleme 88:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu.

2. Thapelo ya ka a e ke e fihle ho wena; o sekehele mohoweletso wa ka tsebe!

3. Hobane moya wa ka o kgotse ditlokotsi, mme bophelo ba ka bo sekamela nqalong ya bafu.

4. Ke badilwe le ba theohelang lebitleng; ke jwaloka motho ya feletsweng ke matla;

5. ke ya lahlilweng hara bafu; ke jwaloka babolauwa ba robetseng lebitleng, bao o sa hloleng o ba hopola, ba kgaohaneng le wena.

6. O ntahletse lemeneng le sekoti, lefifing, botebong, tlasetlase.

7. Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu a hao kaofela a nkgateletse. (Sela.)

8. O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa.

9. Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena.

Dipesaleme 88