Dipesaleme 85:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Na o ka re halefela kamehla, wa tiisa bohale ba hao kamehla le mehla na?

6. Na o ke ke wa boela wa re pholosa, hore setjhaba sa hao se tle se o thabele na?

7. Oho Jehova, o re bontshe mohau wa hao, o re sitse ka poloko ya hao.

8. Ke tla mamela se bolelwang ke Modimo Jehova; hobane o re, kgotso e be ho setjhaba sa wona, le ho bakgethwa ba hae, ba mpe ba se ke ba kgutlela bohlanyeng!

9. Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.

10. Mohau le nnete di teane, ho loka le kgotso di akane;

11. nnete e mela lefatsheng, mme ho loka ho tadimile ho le mahodimong.

12. Efela, Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ya rona e ntshe ditholwana tsa yona.

13. Ho loka ho tla tsamaya pela hae, ho re etsetsa tsela mehlaleng ya hae.

Dipesaleme 85