Dipesaleme 81:6-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Teng ka utlwa lentswe la eo ke neng ke sa mo tsebe pele; a re: Ke jarolotse lehetla la hae phahlo, matsoho a hae a lesitse ho jara seroto.

7. Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)

8. Mamela, setjhaba sa ka, ke o pakele! Iseraele, hola wa rata ho nkutlwa!

9. Ha ho se be modimo osele ha hao, mme o se ke wa rapela medimo ya ditjhaba!

10. Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta. Ahlamisa molomo wa hao, mme ke tla o tlatsa!

11. Empa setjhaba sa ka ha se a ka sa utlwa lentswe la ka, Iseraele ha a ka a mmamela.

12. Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.

13. Oho! hola setjhaba sa ka se rata ho nkutlwa, mme Iseraele a tsamaya ditseleng tsa ka!

14. Nka be ke phakisa ho kokobetsa dira tsa bona, nka be ke fetolela letsoho la ka ho bahanyetsi ba bona.

Dipesaleme 81