Dipesaleme 80:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!

8. O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;

9. wa o lokisetsa sebaka, mme wa nama metso, wa tlala naha,

10. dithaba tsa kgurumetswa ke moriti wa wona, makala a wona a eba jwaloka dikedare tsa Modimo,

11. wa namisa makalana a wona ho isa lewatleng, le mahlomela a wona ho isa nokeng.

12. Na o rapalaleditseng metero ya wona, o tle o kotulwe ke bafeti kaofela?

13. O sohlokanngwa ke dikolobe tsa meru, diphoofolo tsa naha di tlile ho hakolela teng!

Dipesaleme 80