Dipesaleme 80:13-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. O sohlokanngwa ke dikolobe tsa meru, diphoofolo tsa naha di tlile ho hakolela teng!

14. Oho boya, Modimo wa makgotla! tadima o le lehodimong, mme o bone, o ele morara ona hloko!

15. O sireletse seo letsoho le letona la hao le se hlomileng, le lehlomela leo o ikgethetseng lona.

16. Morara o tjhele ke mollo, o remilwe; ba fela ke tshokelo ya sefahleho sa hao.

17. Sireletsa motho, mosebetsi wa letsoho la hao le letona, le mora wa motho eo o ikgethetseng yena.

18. Mme ha re sa tla hlola re o tlohela; o boele o re phedise, mme re tla rapela lebitso la hao.

Dipesaleme 80