3. Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re:
4. Na motho keng, ha o tla mo hopola? le mora motho keng, ha o tla mo hlokomela?
5. O mo entse ya tlasana ho Modimo, o mo rwesitse kganya le boholo;
6. o mo laodisitse mesebetsi ya matsoho a hao; o beile tsohle katlasa maoto a hae;
7. dinku hammoho le dikgomo, le dibatana tsa naha,
8. le dinonyana tsa lehodimo, le dihlapi tsa lewatle, tsohle tse itsamaelang ditseleng tsa lewatle.
9. Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle!