Dipesaleme 79:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.

5. Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?

6. Tshollela bohale ba hao hodima ditjhaba tse sa o tsebeng, le hodima mebuso e sa rapeleng lebitso la hao.

7. Hobane ba jele Jakobo, ba sentse moaho wa hae!

8. O se ke wa hopola dibe tsa bontata rona moholo; mehauhelo ya hao e re tlele kapele, hobane re ba madimabe haholo.

9. Oho Modimo wa poloko ya rona, ka baka la kganya ya lebitso la hao, o re thuse, o re namolele, o re tshwarele dibe tsa rona, ka baka la lebitso la hao.

10. Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!

11. Masisapelo a ba holehilweng a ke a fihle pela hao; ka matla a letsoho la hao o boloke ba abetsweng ho shwa.

12. Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!

13. Mme rona, setjhaba sa hao, mohlape oo o leng moalosi wa wona, re tla o leboha ka ho sa yeng kae, re bolele dithoko tsa hao ditloholong le ditloholwaneng!

Dipesaleme 79